FAQ - Sesotho

3 • Haeba o le mojalefa wa setho wa Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya, o tla fumana konteraka ya inshorese ya Pukwana ya Kganya ho fana ka ditsiane tse inshorilweng tseo pejana di neng di batlilwa ke Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. • Konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya e na le dipholisi tse pedi tsa inshorense tse fumanehang jwalo ka karolo ya botho ba hao ho Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya: o pholisi ya Lepato ya Pukwana ya Kganya bakeng sa ditsiane tsa lepato; le o pholisi ya Pukwana ya Kganya ya Mafu a Mahlonoko le ya Kotsi ya Botho bakeng sa ditsiane tsa mafu a mahlonoko le tsa kotsi ya botho. • Ditsiane tse fumanwang ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya di tshwana le ditsiane tse inshorilweng tseo o di fumanang hajwale ka Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. Konteraka ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya ke eng? • Konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya ke pholisi ya inshorense e netefaditsweng ke Sanlam Developing Markets Limited. • Haeba o le mosebeletsi wa kereke ya ZCC mme o le mojalefa wa setho sa Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya, o tla fumana konteraka ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya ho fana ka ditsiane tse inshorilweng tseo pele di neng di fumanwa ke Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. • Konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya e na le dipholisi tse pedi tsa inshorense tse fumanehang jwalo ka karolo ya botho ba hao ho Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya: o Pholisi ya Lepato ya Pukwana ya Kganya bakeng sa ditsiane tsa lepato; le o Pholisi ya Mafu a Mahlonoko le Kotsi ya Botho ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya bakeng sa ditsiane tsa mafu a mahlonoko le kotsi ya botho. • Ditsiane tse fumanwang ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya di tshwana le ditsiane tse inshorilweng tseo o di fumanang hajwale ka Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. Sanlam ke mang? • Sanlam Developing Markets Limited ke mofani wa inshorense ya nang le laesense ho latela Molao wa Inshorense, 18 wa 2017, mofani ya dumelletsweng wa ditshebeletso tsa ditjhelete ya nang le nomoro ya FSP ya 11230 mme ke eena mofani wa inshorense ya tla fa bajalefa ba ditho ditsiane tsa inshorense ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya le konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya. Sanlam e tla mpha dipholisi tsa inshorense jwang jwalo ka mojalefa wa setho? • Sanlam e entse phano di bajalefa bohle ba ditho ho kena ho konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya le konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya. • Ha ho ketso e hlokwang ho tswa ho wena jwalo ka mojalefa wa setho ho amohela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya kapa konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya, empa o tlameha ho tswelapele ho lefa ditefiso tsa hao tsa botho . • Haeba o tswelapele ho lefa ditefiso tsa hao tsa botho, mme o sa hanane le Kopo ya Lekgotla eo ka yona diphetoho tsa botho di tla amohelwa, ho tla nkwa hore o amohetse phano ya inshorene ho konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya kapa konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukana ya Kganya.

RkJQdWJsaXNoZXIy MTI4MTE=