FAQ - Sesotho

2 § tokelo ya nako e telele kgahlano le Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya bakeng sa tefo ya ditefiso; le § tokelo kgahlano le Sanlam ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya kapa konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya bakeng sa ditsiane tse inshorilweng. o Jwalo ka mojalefa wa setho, o ka dula o phutholohile o tseba hore Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya le tla lefa ditefiso ho Sanlam hafeela wena o ntse o lefa tefiso ya hao ya kgwedi le kgwedi ya botho ho Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. Lemoha ka kopo: Haeba o sa lefe tefiso ya hao ya kgwedi le kgwedi ya botho ho Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya, Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya le ke ke la lefa ditefiso ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya ho Sanlam mme ditsiane tsa hao tsa inshorense di ka lahleha . o Ka ho fumana konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya kapa konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya, haeba o na le tleleime bakeng sa ditsiane dife kapa dife tse inshorilweng, o tlameha o etse tleleime kgahlano le Sanlam. Leha ho le jwalo, tleleime ya hao e tla sebetsa hafeela o kgotsofatsa melawana le dipehelo tsa konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya kapa tsa kapa konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya. Hara tse ding, sena se hloka hore o tlameha ho lefa ditefiso tsa hao tsa botho tsa kgwedi le kgwedi ho Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. o Kganya Insurance Administrators (RF) Proprietary Limited ba tla tswelapele ho tsamaisa ditsiane tse inshorilweng. Sena se bolela hore ha hona ho ba le phapang ho tsela eo ka yona ditsiane tse inshorilweng di tshwarwang ka yona. • Diphetoho ho botho ba hao ho latela ditsiane tse sa inshorwang di ka tsela e latelang: o Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya le tla, ho tswa ho tefo ya hao ya kgwedi ya botho, etsa nehelano ho ZCC sebakeng sa hao jwalo ka mojalefa wa setho. o Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya le tla tswelapele ho fana ka le/kapa ho batla phihlello ho ditsiane tse sa inshorwang, e leng ditsiane tsa Leeto la Moria, ditsiane tsa thuso ya mmileng, ditsiane tsa tsamaiso ya lepato le ditsiane tsa tekolo ya bophelo bo botle (sebakeng sa ditho tsa komiti ya kereke bao e leng bajalefa ba ditho) ka tsela e tshwanang hantle . Na ke tlameha ho tswelapele ho lefa ditefiso tsa ka tsa botho? Na ditefiso tsa ka tsa botho di tla fetoha? • Jwalo ka setho sa Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya, o tlameha ho tswelapele ho lefa ditefiso tsa hao tsa kgwedi le kgwedi tsa botho ho makala a fapaneng a Kereke. Jwalo ka ha ele tlwaelo ho fihla kajeno, o tla fuwa rasiti ha o lefa tefiso ya hao ya kgwedi le kgwedi ya botho. • Dikomiti tsa kereke di tla kenya ditjhelete tsa ditefiso tsa botho ho akhaonte ya banka e lebitsong la Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. • Ka ho lefa ditefiso tsa hao tsa kgwedi le kgwedi tsa botho, o netefatsa botho ba hao ho Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya jwalo ka mojalefa wa setho. • Ka kopo lemoha hore ditefiso tsa hao tsa kgwedi le kgwedi tsa botho di tla dula di tshwana mme di ke ke tsa fetoha kapa tsa angwa ka lebaka la diphetoho. Konteraka ya inshorese ya Pukwana ya Kganya ke eng? • Konteraka ya inshorese ya Pukwana ya Kganya ke pholisi ya inshorense e netefaditsweng ke Sanlam Developing Markets Limited.

RkJQdWJsaXNoZXIy MTI4MTE=