FAQ - Sesotho

5 • Haeba Lekgotla le Phahameng le amohela Kopo ya Lekgotla, diphetoho di tla kena tshebetsong ho tloha ka 1 Pherekgong 2023 (" Mohla wa Tshebetso "). Haeba diphetoho ho botho di kena tshebetsong, ho tla etsahalang? • Bajalefa bohle ba ditho ba tla tswelapele ho ba ditho tsa Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. • Bajalefa bohle ba ditho ba tla fumana konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya kapa konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya e tla fana ka ditsiane tse inshorilweng, e netefaditsweng ke Sanlam. • Bajalefa bohle ba ditho ba tlameha ho tswelapele ho lefa ditefiso tsa bona tsa botho. • Ho tswa ho ditefiso tsa botho, Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya le tla – o lefa ditefiso ho Sanlam ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya le konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya bakeng sa bajalefa bohle ba ditho ba lefileng ditefiso tsa bona tsa botho; o etsa monehelo ho ZCC; o fana ka le/kapa ho batla phihlello ho ditsiane tsa Leeto la Moria, ditsiane tsa thuso ya mmileng, ditsiane tsa tsamaiso ya lepato le ditsiane tsa tekolo ya bophelo bo botle (sebakeng sa ditho tsa komiti ya kereke bao e leng bajalefa ba ditho); le o ho fana ka phihlello ho ditsiane tse ding tse sa tlameng le tse ntlafatsang bakeng sa ditho tsa Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya le Kereke ya ZCC. Na bukana ya hao ya botho e tla fetoha ka lebaka la diphetoho? • Haeba Lekgotla le Phahameng le amohela Kopo ya Lekgotla, o tla fumana bukana e ntjha ya melawana le dipehelo tsa botho e shebaneng le ditokelo tsa hao tsa botho hape e le bopaki ba botho ba hao ho Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya. Bukana ya hao ya melawana le dipehelo tsa botho e ntjha e tla kena tshebetso ho tloha ka la 1 Pherekgong 2023. • Bukana ya hao ya melawana le dipehelo tsa botho e ntjha e tla nka sebaka sa melawana le dipehelo tsohle tse teng hajwale tsa botho ho Letsete la Ditjhelete la Ditsiane la Kganya ho tloha ka Mohla wa Tshebetso. • Bukana ya hao ya melawana le dipehelo tsa botho e ntjha e tla fuwa bajalefa bohle ba ditho ntle ho tefiso . • O seke wa lahla buka ya hao ya hajwale ya botho hobane buka ya hao ya hajwale ya botho e tla tswelapele ho sebediswa jwalo ka bukana ya dirasiti tsa tefo moo dirasiti tsohle di tla ngolwa teng. Buka ya hao ya hajwale ya botho e boetse e tla dula e sebetsa bakeng sa dintlha tse ho Foromo ya MPP le/kapa Foromo ya AMPP; dintlha tsa Dirasiti dife kapa dife Leeto la Moria; le dintlha tsa bana bafe kapa bafe bao e leng bajalefa. • Ha buka ya hao ya hajwale ya botho e tletse, kapa e lahlehile, o tla fuwa bukana e ntjha ya dirasiti tsa tefiso ha o lefa tjeo e tlwaelehileng ya theko. • Sena se bolela hore, ho tloha ka la 1 Pherekgong 2023 o tla ba le dibukana tse pedi, e leng,– o bukana e ntjha ya melawana le dipehelo; le o bukana ya hao ya hajwale ya botho, e tla tswelapele ho sebediswa jwalo ka bukana ya dirasiti tsa tefiso ho fihlela ka nako eo o hlokang bukana e ntjha ya dirasiti tsa tefiso kapa e nkang sebaka sa ya kgale.

RkJQdWJsaXNoZXIy MTI4MTE=