2022 Communications Flyer ST

• Ha diphetoho di kenngwa tshebetsong, ho lokela hore ho elwe hloko dintlha tse latelang: o Jwalo ka mojalefa wa setho o tla fumana konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya, (kapa wa Konteraka ya Kganya ya Thari ya Baruti Pukwana sebakeng sa ditho tsa komiti tseo e leng bajalefa ba ditho) tseo mmoho mona di bitswang “ konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya ”, e netefaditsweng ke Sanlam, mme o be monga pholisi ya Sanlam bakeng sa ditsiane tse tshwanang tse inshorilweng tse neng di batlilwe pejana ke Letsete ho latela dipholisi tsa sehlopha. Melao le dipehelo tsa konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya di tlameha ho nahanelwa ka hloko hobane di fapane le melao le dipehelo tsa Letsete. o Diphetoho ho Letsete le ho melawana ya Letsete kahoo di tla fetola feela tsela eo ka yona bajalefa ba ditho ba bang le phihlello ho ditsiane tse inshorilweng, e leng ho tla etsahala ka ho nka sebaka sa ditsiane tsa nako e felletseng tse hajwale di fumanehang ka Letsete ka i) tokelo e tiileng kgahlano le Letsete bakeng sa tefo ya diporimiamo, le ii) tokelo kgahlano le Sanlam ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya bakeng sa ditsiane tse inshorilweng. o Jwalo ka mojalefa wa setho, o ka dula o phutholohile o tseba hore Letsete le tla lefa ditefiso ho Sanlam hafeela wena o ntse o lefa tefiso ya hao ya kgwedi le kgwedi ya botho ho Letsete. Lemoha ka kopo : Haeba o sa lefe tefiso ya hao ya kgwedi le kgwedi ya botho ho Letsete, Letsete le ke ke la lefa ditefiso ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya ho Sanlam mme ditsiane tsa hao tsa inshorense di ka lahleha. o Ka ho fumana konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya, haeba o na le tleleime bakeng sa ditsiane dife kapa dife tse inshorilweng, o tlameha o etse tleleime le Sanlam. Leha ho le jwalo, tleleime ya hao e tla sebetsa hafeela o kgotsofatsa melawana le dipehelo tsa konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya. Hara tse ding, sena se hloka hore o tlameha ho lefa ditefiso tsa hao tsa botho tsa kgwedi le kgwedi ho Letsete. o Kganya Insurance Administrators (RF) Proprietary Limited (" KIA ") ba tla tswelapele ho tsamaisa ditsiane tse inshorilweng. Sena se bolela hore ha hona ho ba le phapang ho tsela eo ka yona ditsiane tse inshorilweng di tshwarwang ka yona. o Ka kopo lemoha hore konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya e na le dipholisi tse pedi tsa inshorense tse fumanehang jwalo ka karolo ya botho ba hao ho Letsete: - Pholisi ya Lepato ya Pukwana ya Kganya (kapa Pholisi ya Lepato ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya sebakeng sa ditho tsa komiti ya kereke bao e leng bajalefa ba ditho) bakeng sa ditsiane tsa lepato; le - Pholisi ya Mafu a Mahlonoko le Kotsi ya Motho ya Pukwana ya Kganya (kapa Pholisi ya Mafu a Mahlonoko le Kotsi ya Motho ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya sebakeng sa ditho tsa komiti ya kereke bao e leng bajalefa ba ditho) bakeng sa ditsiane tsa mafu a mahlonoko le kotsi ya motho. Ditsiane tse ding tsa botho ba hao ho Letsete ha diphetoho di kenngwa tshebetsong • Ho tswa ho tefiso ya hao ya botho ya kgwedi le kgwedi, Letsete le tla etsa nehelano ho ZCC sebakeng sa hao jwalo ka mojalefa wa setho. • Letsete le tla tswelapele ho fana ka le/kapa ho batla phihlello ho ditsiane tse sa inshorwang, e leng ditsiane tsa Leeto la Moria, ditsiane tsa thuso ya mmileng, ditsiane tsa tsamaiso ya lepato ditsiane tsa tekolo ya bophelo bo botle (sebakeng sa ditho tsa komiti ya kereke bao e leng bajalefa ba ditho) ka tsela e tshwanang hantle. Kopo ya Lekgotla ke eng? • Kopo ya Lekgotla ke tshebetso eo ka yona Letsete le tla fetola lengolo la lona la letsete le melawana ya Letsete ntle le tumello ho tswa bajalefa ba ditho jwalo ka bajalefa ba phethahetseng ba Letsete, ka tumello ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa (Karolo ya Gauteng, Pretoria). Lekgotla le Phahameng le boetse le tla nahana ka phano e entsweng ke Sanlam mapabi le konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya, le ditaba tsohle tse ding tse jwalo tse amanang le diphetoho tse boletsweng ho Kopo ya Lekgotla. • Kopo ya Lekgotla e fanwe ho tswa ho Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa (Karolo ya Gauteng, Pretoria), tlasa nomoro ya kgetsi 62972/2021. • Haeba o batla ho hanana le diphetoho, o ka etsa jwalo ka ho tlatsa tsebiso ya maikemisetso a ho hanana le Kopo ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa (Karolo ya Gauteng, Pretoria) ka la kapa pele ho la 20 Phupu 2022.

RkJQdWJsaXNoZXIy MTI4MTE=