2022 Communications Flyer ST

• Haeba o batla ho kenya tsebiso ya morero wa ho hanana le Kopo ya Lekgotla, tsebiso e tlameha ho iswa le ho maqhwetha a mokopi, Webber Wentzel ho 90 Rivonia Road, Sandton, 2196, kapa ka imeile ho Kganya@webberwentzel.com , bakeng sa mahlo a Z Swanepoel / D Prinsloo. Ho tsebiso ya hao ya morero wa ho hanana o tlameha ho kgetha aterese moo o batlang ho mme o tla amohela ditsebiso tse ding le ditokomane ho Kopo ya Lekgotla, mme aterese eo e tlameha ho ba tikolong ya dikilomithara tse 15 ho tloha lekgotleng (“Aterese”). • Ka kopo lemoha hore haeba o etsa tsebiso ya maikemisetso a ho hanana pele kapa ka la 20 Phupu 2022, o tla tlameha hore o etse afidafiti e arabang ho Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa (Karolo ya Gauteng, Pretoria) nakong ya matsatsi a 15 a lekgotla (matsatsi a kgwebo) kamora moo, mme hape o ise khopi ya yona ho maqhwetha a mokopi, Webber Wentzel Attorneys ho latela dintlha tse kahodimo. • Kopo ya Lekgotla e tla mamelwa ka la 3 Phato 2022, kapa haeba o hanana le Kopo ya Lekgotla, ka mohla o tla kgethwa ke Mongodisi wa Lekgotla le Phahameng. Maqhwetha a Mokopi a tla o tsebisa ka mohla ona (e leng, mohla o tla kgethwa ke Mongodisi wa Lekgotla le Phahameng) ka ho o romela tsebiso ya mohla oo ho Aterese. • Haeba o sa hanane le Kopo ya Lekgotla, ha o wa lokela ho etsa letho . Ho etsahalang haeba Lekgotla le Phahameng le amohela Kopo ya Lekgotla? Diphetoho di tla kena tshebetsong neng? • Haeba Lekgotla le Phahameng le amohela Kopo ya Lekgotla, diphetoho di tla kena tshebetsong ho tloha ka la 1 Pherekgong 2023 (" Mohla wa Tshebetso "). • Sena se bolela hore, ka Mohla wa Tshebetso: o Bajalefa bohle ba ditho ba tla tswelapele ho ba ditho tsa Letsete. o Bajalefa bohle ba ditho ba tla fumana konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya e tla fana ka ditsiane tse inshorilweng. Konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya e tla netefatswa ke Sanlam. o Bajalefa bohle ba ditho ba tlameha ho tswelapele ho lefa ditefiso tsa bona tsa botho. o Ho tswa ho ditefiso tsa botho, Letsete le tla – - lefa ditefiso ho Sanlam ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya bakeng sa bajalefa bohle ba ditho ba lefileng ditefiso tsa bona tsa botho; - etsa monehelo ho ZCC; - fana ka le/kapa ho batla phihlello ho ditsiane tsa Leeto la Moria, ditsiane tsa thuso ya mmileng, ditsiane tsa tsamaiso ya lepato le ditsiane tsa tekolo ya bophelo bo botle (sebakeng sa ditho tsa komiti ya kereke bao e leng bajalefa ba ditho); le - ho fana ka phihlello ho ditsiane tse ding tse sa tlameng le tse ntlafatsang bakeng sa ditho tsa Letsete le Kereke ya ZCC. Sanlam ke mang? • Sanlam ke mofani wa inshorense ya bophelo ho latela Molao wa Inshorense, 18 wa 2017 (Insurance Act, 18 of 2017), ke mofani ya dumelletsweng ya ditshebeletso tsa ditjhelete ya nang le nomoro ya FSP ya 11230 mme ke eena mofani wa inshorense ya tla fa bajalefa ba ditho ditsiane tsa inshorense ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya. Sanlam e tla fana jwang ka dipholisi tse ntjha tsa motho ka mong tseo e leng karolo ya ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya ho bajalefa ba ditho? • Sanlam e o fa monyetla jwalo ka mojalefa wa setho hore o kene ho konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya. • Ha ho ketso e hlokwang hore o e etse hore o amohele konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya empa o tlameha ho tswelapele o lefa ditefiso tsa hao tsa botho. • Haeba o tswelapele ho lefa ditefiso tsa hao tsa botho ho Letsete, mme o sa hanane le Kopo ya Lekgotla, ho tla nkwa hore o amohetse phano ya inshorene ho konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya le konteraka ya inshorense ya Pukana ya Kganya e tla qala ka Mohla wa Tshebetso. • Ho Kopo ya Lekgotla, Lekgotla le tla kotjwa ho laela hore Sanlam e fuwe matla a ho fana ka pholisi ho wena, le hore Sanlam e etse jwalo.

RkJQdWJsaXNoZXIy MTI4MTE=