2022 Communications Flyer ST

Na bukana ya hao ya botho e tla fetoha ka lebaka la diphetoho? • Haeba Lekgotla le Phahameng le amohela Kopo ya Lekgotla, o tla fumana bukana e ntjha ya melawana le dipehelo tsa botho e shebaneng le ditokelo tsa hao tsa botho hape e le bopaki ba botho ba hao ho Letsete. Bukana ya hao ya melawana le dipehelo tsa botho e ntjha e tla kena tshebetso ho tloha ka Mohla wa Tshebetso. • Bukana ya hao ya melawana le dipehelo tsa botho e ntjha e tla nka sebaka sa melawana le dipehelo tse teng hajwale tsa botho ho Letsete ho tloha ka Mohla wa Tshebetso. • Bukana ya hao ya melawana le dipehelo tsa botho e ntjha e tla fuwa bajalefa bohle ba ditho ntle ho tefiso . • O seke wa lahla buka ya hao ya hajwale ya botho hobane buka ya hao ya hajwale ya botho e tla tswelapele ho sebediswa jwalo ka bukana ya dirasiti tsa tefo moo dirasiti tsohle di tla ngolwa teng. Buka ya hao ya hajwale ya botho e boetse e tla dula e sebetsa bakeng sa dintlha tse ho Foromo ya MPP le/kapa Foromo ya AMPP; dintlha tsa Dirasiti dife kapa dife Leeto la Moria; le dintlha tsa bana bafe kapa bafe bao e leng bajalefa. • Ha buka ya hao ya hajwale ya botho e tletse, kapa e lahlehile, o tla fuwa bukana e ntjha ya dirasiti tsa tefiso ha o lefa tjeo e tlwaelehileng ya theko. • Sena se bolela hore, ho tloha ka Mohla wa Tshebetso o tla ba le dibuka tse pedi, e leng,– o bukana e ntjha ya melawana le dipehelo; le o bukana ya hao ya hajwale ya botho, e tla tswelapele ho sebediswa jwalo ka bukana ya dirasiti tsa tefiso ho fihlela ka nako eo o hlokang bukana e ntjha ya dirasiti tsa tefiso kapa e nkang sebaka sa ya kgale. O ka fumana tlhahisoleseding e eketsehileng hokae? Ka kopo letsetsa setsi sa mehala sa KIA ho 0800 000 538 haeba o batla tlhahisoleseding e eketsehileng ka Kopo ya Lekgotla, mofuta le ditlamorao tsa diphetoho tse sisintsweng le dipehelo tsa konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya e fanwang ke Sanlam. Ho feta mona, lemoha ka kopo hore khopi ya Kopo ya Lekgotla, e kenyelletsang lengolo le lokisitsweng la letsete, khopi ya bukana ya melawana le dipehelo tsa botho le melawana le dipehelo tsa konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya, hammoho le ditokomane tse ding tsa bohlokwa, le tsona di tla fumaneha bakeng sa tjhebisiso setsing se haufi le wena sa KIA, kapa ho webosaete ya KIA ho www.mykganya.com. Dintlha tsa dibaka tsa ditsi tsa tshebeletso tsa KIA di ka fumanwa ho www.mykganya.com. Tshehetso ya ZCC Ka kopo lemoha hore nna: • ke tshehetse diphetoho ho Letsete le melawana ya Letsete; mme • ke tshehetsa Sanlam ka botlalo jwalo ka monetefatsi wa ditsiane tsa inshorense ya etsang phano ho wena ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya. Bajalefa bohle ba ditho ba ka dula ba phothulohile tsebong ya hore ditsiane tse fanwang hajwale ho bona ke Letsete di tla dula di sirelleditswe. Mohlomphehi ya Halalelang Reverend Bishop Dr B E Lekganyane Mohla: 28 / 02 / 2022

RkJQdWJsaXNoZXIy MTI4MTE=