2022 KBFT New Scheme Info Poster SESOTHO

B e n e f i t s F und T r u s t PUKWANA YA KGANYA TSEBISO YA BOHLOKWA BAKENG SA DITHO TSA LETSETE LA DITSIANE LA KGANYA HO TSWA HO MOHLOMPHEHI MOBISHOPO DR B E LEKGANYANE Jwalo ka setho sa Letsete la Ditsiane la Kganya (“ Letsete ”) ya maemong a matle, ditokelo tsa hao tsa botho di o fa tokelo ya tshireletso e theko e tlase ya lepato, mafu a mahlonoko le kotsi ya botho (“ ditsiane tse inshorilweng ”); le ditsiane tse ding tse jwalo ka ditsiane tsa Leeto la Moria, ditsiane tsa thuso ya mmileng, ditsiane tsa tsamaiso ya lepato le ditsiane tsa tekolo ya bophelo bo botle (sebakeng sa ditho tsa komiti ya kereke tseo e leng bajalefa ba ditho) (“ ditsiane tse sa inshorwang ”). Ka lebaka la phetoho ya molao wa inshorense e amang tsela eo ka yona Letsete le sebetsang, Letsete ha lena kgetho ntle le ho kenya tshebetsong diphetoho tse itseng ho tsela eo le sebetsang ka yona, ka ho fetola lengolo la letsete la Letsete, le ho fetola le/kapa ho hlakola le ho busetsa melawana e fanweng ke Letsete (mmoho di bitswa “ diphetoho ”). Diphetoho tsena di tla ama ditokelo tsa hao tsa botho. Ka kopo etela kereke ya heno ya lehae ho ya lata pampitshana e nang le tlhahisoleseding ya bohloka mabapi le diphetoho tsa ditokelo tsa hao tsa botho. O tlameha ho lata pamphitshana ena pele ho la 6 Phupu 2022 . KA KAKARETSO, TLHAHISOLESEDING E LATELANG E BOHLOKWA: • Haeba o le setho sa Letsete, o tla dula o le setho sa Letsete. • Haeba o tshwaneleha ho ba mojalefa wa setho o tla dula o le mojalefa wa setho ho sa natswe diphetoho, o na le ditokelo ho ditsiane tsa Letsete, hafeela o ntse o lefa ditefiso tsa hao tsa kgwedi le kgwedi tsa botho . • Ditefiso tsa hao tsa kgwedi tsa botho di tla dula di tshwana mme di ke ke tsa fetoha kapa tsa ameha ka lebaka la diphetoho. • Hajwale, bajalefa bohle ba ditho ba fumana tshireletso bakeng sa lepato, mafu a mahlonoko le diketsahalo tsa kotsi ya botho ka dipholisi tsa sehlopha tse netefaditsweng ke Sanlam Developing Markets Limited (" Sanlam "). Ka lebaka la diphetoho ho molao wa inshorense, Letsete le Sanlam ha di sa dumelletswe ho tswelapele ka dipholisi tsa sehlopha. • Kahoo Letsete ha le sa tla fana le/kapa la batla ditsiane tse inshorilweng ka dipholisi tsa sehlopha. Leha ho le jwalo, ditsiane tsa hao tse inshorilweng di ke ke tsa lahleha ha diphetoho di kenngwa tshebetsong . • Ha diphetoho di kenngwa tshebetsong, o lokela ho lemoha tse latelang: o Jwalo ka mojalefa wa setho o tla fumana konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya (kapa konteraka ya inshorense ya Thari ya Baruti Pukwana ya Kganya sebakeng sa ditho tsa komiti bao e leng bajalefa ba ditho), mmoho e bitswang “ kontereka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya ”, e netefatswang ke Sanlam. O tla ba motshwari wa pholisi ya Sanlam bakeng sa ditsiane tse inshorilweng tse tshwanang le tse batluweng pele ke Letsete ho latela dipholisi tsa sehlopha. Sanlama e etsa phano ho wena jwalo ka mojalefa wa setho ho kena konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya. o Diphetoho di tla fetola feela tsela eo ka yona bajalefa ba ditho ba tla bang le phihlello ho ditsiane tse inshorilweng, e tla bang ho tlosa ditsiane tse felletseng tse fumanwang ka Letsete, mme di nkelwe sebaka ke i) tokelo e leng ya motho ka botlalo kgahlano le Letsete bakeng sa tefo ya diporimiamo ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya; le ii) tokelo kgahlano le Sanlam ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya bakeng sa ditsiane tse inshorilweng. o Jwalo ka mojalefa wa setho, Letsete le tla lefa diporimiamo ho Sanlam hafeela o lefa tefo ya hao ya botho ya kgwedi ho Letsete . Haeba o sa lefe tefo ya hao ya botho ya kgwedi ho Letsete, Letsete le ke ke la lefa diporimiamo ho Sanlam mme ditsiane tsa hao tsa bohlokwa tsa inshorense di ka lahleha . o Ka ho fumana konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya, haeba o na le tseko bakeng sa efe kapa efe ya ditsiane tse inshorilweng, o tlameha ho tseka kgahlano le Sanlam. o Ha ho na ho ba le phaphang ho tsela eo ditseko tsa ditsiane tse inshorilweng di sebetswang ka yona. o Letsete le tla, ho tswa ho tefo ya hao ya kgwedi ya botho, etsa nehelano ho ZCC sebakeng sa hao jwalo ka mojalefa wa setho. o Letsete le tla tswelapele ho fana le/kapa ho batla phihlello ho ditsiane tse sa inshoruwang ka tsela e tshwanang hantle. TUMELLO BAKENG SA DIPHETOHO • Ho kenya diphetoho tshebetsong, phetolo ho lengolo la letsete le melawana ya Letsete di a hlokahala. Leha ho le jwalo, diphetoho di tlameha ho amohelwa ke Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa (Lekala la Gauteng, Pretoria). Lekgotla le Phahameng le boetse le tla nahana ka phano e etswang ke Sanlam ho latela konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya, le ditaba tsohle tse ding tse amanang le phetoho. • Ho Kopo ya Lekgotla, Lekgotla le tla kotjwa ho laela hore Sanlam e na le tumello ya ho o fa pholilsi, le hore Sanlam e etse jwalo. • Balaodi ba Letsete ba tla etsa kopo ho Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa (Karolo ya Gauteng, Pretoria) bakeng sa kamohelo ya diphetoho (" Kopo ya Lekgotla "). • Kopo ya Lekgotla e fanwe ho tswa ho Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa (Karolo ya Gauteng, Pretoria), tlasa nomoro ya kgetsi 62972/2021. • Haeba o batla ho hanana le diphetoho , o ka etsa jwalo ka ho tlatsa tsebiso ya maikemisetso a ho hanana le Kopo ya Lekgotla Lekgotleng le Phahameng la Afrika Borwa (Lekala la Gauteng, Pretoria) ka la kapa pele ho la 20 Phupu 2022. • Haeba o etsa tsebiso ya morero wa ho hanana le Kopo ya Lekgotla, tsebiso e tlameha ho iswa le ho maqhwetha a mokopi, Webber Wentzel ho 90 Rivonia Road, Sandton, 2196, kapa ka imeile ho kganya@webberwentzel.com , bakeng sa mahlo a Z Swanepoel / D Prinsloo. • Ho tsebiso ya hao ya morero wa ho hanana o tlameha ho kgetha aterese moo o batlang ho mme o tla amohela ditsebiso tse ding le ditokomane ho Kopo ya Lekgotla, mme aterese eo e tlameha ho ba tikolong ya dikilomithara tse 15 ho tloha lekgotleng (“Aterese”). • Haeba o etsa tsebiso ya maikemisetso a ho hanana ka kapa pele ho la 20 Phupu 2022, o tlameha ho etsa afidafiti e arabang nakong ya matsatsi a 15 a lekgotla (matsatsi a kgwebo) kamora moo mme hape o ise khopi ya yona ho maqhwetha a mokopi, Webber Wentzel Attorneys ho latela dintlha tse kahodimo. • Kopo ya Lekgotla e tla mamelwa ka la 3 Phato 2022, kapa haeba o hanana le Kopo ya Lekgotla, ka mohla o tla kgethwa ke Mongodisi wa Lekgotla le Phahameng. Maqhwetha a Mokopi a tla o tsebisa ka mohla ona ka ho o romela tsebiso ya mohla oo ho Aterese. • Haeba o sa hanane le Kopo ya Lekgotla, ha o wa lokela ho etsa letho . DIPHETOHO DI TLA KENA TSHEBETSONG NENG? • Haeba Lekgotla le Phahameng le amohela Kopo ya Lekgotla, diphetoho di tla kena tshebetsong ho tloha ka 1 Pherekgong 2023 (" Mohla wa Tshebetso "). • Sena se bolela hore diphetoho ho botho ba hao, hammoho le ho konteraka ya inshorense, di tla qala ho sebetsa ho tloha ka Mohla wa Tshebetso. O KA FUMANA LESEDI LE EKETSEHILENG HOKAE? • Etela Kereke ya heno ya lehae ho ya fumana pamphitshana e nang le tlhahisoleseding ya bohlokwa. • O ka letsetsa setsi sa mehala sa KIA ho 0800 000 538. • Khophi ya Kopo ya Lekgotla, e kenyelletsang lengolo le fetotsweng la letsete, khophi ya bukana ya dipallo le dipehelo tsa botho le dipallo le dipehelo tsa konteraka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya, hammoho le ditokomane tse ding tsa bohlokwa, e a fumaneha bakeng sa tekolo setsing se haufi le wena sa KIA sa tshebeletso, mme dintlha tsa sona o ka di fumana ho www.mykganya.com. Kopo ya Lekgotla e boetse e ka fumanwa ho webosaete ya Kganya ho www.mykganya.com. TSHEHETSO YA ZCC Ka kopo lemoha hore ke: • tshehetsa diphetoho ho Letsete le melawana ya Letsete; mme • ke tshehetsa Sanlam ka botlalo jwalo ka monetefatsi wa ditsiane tsa inshorense ya etsang phano ho wena ho latela kontereka ya inshorense ya Pukwana ya Kganya. Bajalefa bohle ba ditho ba ka dula ba na le bonnete ba hore ditsiane tseo ba di fumanang hajwale ho tswa ho Letsete di tla dula di sirelleditswe. Mohlomphehi ya Halalelang Reverend Bishop Dr B E Lekganyane

RkJQdWJsaXNoZXIy MTI4MTE=